LEFAPHA LA TONAKGOLO
BUKANA
TSEBAHATSO YA MOLAO O MABAPI LE PHIHLELLO TLHAHISOLESEDING, 2000
MOLAO WA NOMORO YA 2 WA 2000
PONELOPELE YA LEFAPHA
Ho etella pele Mmuso wa Provense ya Freistata ka tshebeletso e hlwahlwa.
Ho sebeletsa batho ba Freistata ka ho ba nehela tsela e mawala ho netefatsa ditshebeletso tse hokahaneng kahara Mmuso wa Provense ya Freistata ho latela Molao wa Motheo.
A: DINTLHA TSA BAO HO KA IKOPANNGWANG LE BONA [karolo ya 14 (b) ya Molao]
Mohlanka wa Tlhahisoleseding
Aterese: Phaposi ya 448 Moahong wa Lebohang
BLOEMFONTEIN
Aterese ya poso: PO Box 517
BLOEMFONTEIN
Mohala: 405-5801/3
Motlatsi wa Mohlanka wa Tlhahisoleseding
Aterese: Phaposi ya 633 Moahong wa Lebohang
BLOEMFONTEIN
Aterese ya poso: PO Box 517
BLOEMFONTEIN
Mohala: 405 5489
B. TATAISO YA KAROLO YA 10 karolo ya 141c
Khomeshene ya Ditokelo tsa Botho ya Afrika Borwa e bokelleditse bukana ya tataiso e mabapi le ho sebediswa ha Molao. Dipotsiso tsohle mabapi le tataiso di ka lebiswa ho:
Yuniti ya Tsebahatso ya Molao o mabapi le phihlello ya tlhahisoleseding
Lefapha la Dipatlisiso le Ditokomane
Khomeshene ya Ditokelo tsa Botho Afrika Borwa
Mohala: 484 8300
a Dihlooho le mekgahlelo ya direkoto
Dihlooho le mekgahlelo ya direkoto di fumaneha Lefapheng la Tonakgolo mme di kenyelletsa tse latelang:
i Direkoto tsa basebetsi ba lefapha ii Direkoto tsa Lefapha tsa phumantsho iii Direkoto tsa Lefapha tsa ditjhelete iv Manane a dintlha tsa le Metsotso ya kopano v Ditlaleho vi Diphatlalatso vii Maano a ka hare a lefapha viii Direkoto tse amanang le dintlha tsa molao ix Maano a Provense x Dimemorandamo tsa ka hare xi Ditokomane tsa Puo ya Tonakgolo b Kopo ya tlhahisoleseding i) Ditsebahatso tse iketsahallang karolo 14 (e)
Lenane le latelang le bontsha direkoto tse fumanehang feela le mokgwa o leng teng wa phihlello:
TSE FUMANEHANG BAKENG LA HO REKA Koranta ya mmuso wa Provense Dikhopi di fumaneha Phaposing ya 3141 Moahong wa Lebohang, Mohala. 403 3139 TSE FUMANEHANG BAKENG LA HO ETSA DIKHOPI Ditlaleho tsa selemo Di fumaneha websaeteng ena: "http://www.fs.gov.za" Dikhopi di a fumaneha ha di kotjwa ho tswa ho Motlatsi wa Mohlanka wa Tlhahisoleseding Ditaba tsa Mmuso Di fumaneha websaeteng ena:"http://www.fs.gov.za" , Dikhopi di a fumaneha ha di kotjwa ho tswa ho Motlatsi wa Mohlanka wa Tlhahisoleseding Puo ya Boemo ba Provense E fumaneha websaeteng ena: "http://www.fs.gov.za"
Dikhopi di a fumaneha ha di kotjwa ho tswa ho Motlatsi wa Mohlanka wa Tlhahisoleseding Puo ya Ditekanyetso tsa Ditjhelete ya Tonakgolo E fumaneha websaeteng ena: "http://www.fs.gov.za"
Dikhopi di a fumaneha ha di kotjwa ho tswa ho Motlatsi wa Mohlanka wa Tlhahisoleseding Moralo o Mawala wa Kgolo le Ntshetsopele ya Freistata O fumaneha websaeteng ena: "http://www.fs.gov.za"
Dikhopi di a fumaneha ha di kotjwa ho tswa ho Motlatsi wa Mohlanka wa Tlhahisoleseding Tekolo ya Molao ya Kotara ka nngwe Dikhopi di a fumaneha ha di kotjwa ho tswa ho Motlatsi wa Mohlanka wa Tlhahisoleseding Sekgutlwana sa Molao Dikhopi di a fumaneha ha di kotjwa ho tswa ho Motlatsi wa Mohlanka wa Tlhahisoleseding Tsebahatso ka Molomo Dikhopi di a fumaneha ha di kotjwa ho tswa ho Motlatsi wa Mohlanka wa Tlhahisoleseding
Dikhopi di fumaneha ha ho etswa tefo ya R0.60 leqephe ka leng ii Metjha ya ho etsa kopo
Mokopi o tlameha ho nehwa phihlello ya rekoto tsa Lefapha ebang mokopi a kgotsofatsa ditlhoko tse latelang:
Ditlhoko tsohle tsa motjha tse kahara Molao tse amanang le kopo ya phihlello ya rekoto; le
Ha ho hanwe ka phihlello ya rekoto eo tlasa mabaka afe kapa afe a ho hana a boletsweng Molaong.
Mofuta wa kopo:
Mokopi o tlameha ho sebedisa foromo e hatisitsweng ka hara Koranta ya Mmuso. [Tsebiso ya R187 - 15 Tlhakola 2002].
Mokopi o boela a tlameha ho bolela ebang kopo e le ya khopi ya rekoto kapa ebang a batla ho phetlela rekoto diofising tsa Motlatsi wa Mohlanka wa Tlhahisoleseding. Ka nqe nngwe, ebang rekoto e se tokomane e ka bohuwang ka mokgwa oo e kopilweng ka ona, ebang ho kgoneha karolo 292.
Ebang motho a kopa phihlello ka mokgwa o itseng mokopi o lokela ho nehwa phihlello ka mokgwa oo a kopileng ka ona. Ho dumellana le kopo ha ho a tshwanela ho sitisa tsamaiso ya lefapha, kapa tshenyeho ya rekoto, kapa ho tlola molawana wa kopitso oo e seng wa Mmuso. Ebang ho ke ke ha nehelanwa ka phihlello ka mokgwa oo e kopilweng ka ona ka mabaka a bonahalang, empa ho ka nehelanwa ka yona ka mokgwa o mong osele, tefo ha e a tlameha ho feta e behilweng ho latela kopo ya motho ya pelekarolo ya 293 le 4.
Ebang, tlatsetsong ya karabo e ngotsweng kopong ya hae ya rekoto, mokopi a lakatsa ho tsebiswa ka qeto ka tsela efe kapa efe, mohlala: ka mohala, sena se tlameha ho bontshwa karolo 182e.
Ebang mokopi a kopela motho e mong tlhahisoleseding, o lokela ho bontsha boemo boo kopo eo e etswang ho bona. karolo 182f.
Ebang mokopi a sa kgone ho bala kapa ho ngola, kapa a na le boqhwala bo itseng, a ka etsa kopo ya rekoto ka molomo. Mohlanka wa tlhahisoleseding o tlameha ho tlatsetsa mokopi foromo mme a mo nehe khopi karolo 183.
Mefuta e mmedi ya ditefello e lokela ho lefshwa ho ya ka Molao, tefello ya kopo le tefello ya phihlello [karolo ya 22]:
Mokopi ya batlang phihlello ya rekoto e nang le tlhahisoleseding ya motho e mabapi le mokopi eo ha ho hlokehe hore a lefe tefello ya kopo. Mokopi ofe kapa ofe, ya sa etseng kopo ya rekoto e mabapi le yena, o tlameha ho lefa tefello ya kopo e hlokehang:
Mohlanka wa tlhahisoleseding o tlameha ho bolella mokopi (ntle le mokopi wa rekoto ya hae) ka tsebiso, e hlokang hore mokopi a lefe tefello e laetsweng (ebang e le teng) pele ho tswelwa pele ka kopo.
Tefello ya kopo e lefshwang dibopehong tsa setjhaba ke R35. Mokopi a ka etsa boipiletso ba kahare, ebang ho lokela, kapa qoso lekgotleng kgahlanong le thendara kapa tefo ya tefello ya kopo.
Kamora hore mohlanka wa tlhahisoleseding a etse qeto mabapi le kopo mokopi o tlameha ho tsebiswa ka qeto e jwalo ka mokgwa o kopilweng ke bona.
Ebang kopo e tswella tefello e nngwe ya phihlello e tlameha ho lefshwa bakeng la phuputso, tokisetso, katiso le bakeng la nako e ekeditsweng hodima dihora tse laetsweng tsa ho fuputsa le ho lokisetsa ho tsebahatsa rekoto. Ditefello di behwa ho latela molao.
D. DITSHEBELETSO TSEO SETJHABA SE KA DI FUMANANG KA HO OTLOLOHA karolo ya 141f
Sepeho sa Lefapha hase hakaalo ho nehelana ka ditshebeletso ka ho otloloha setjhabeng, empa ho nehelana ka tataiso e mawala le ho hokahanya ditshebeletso ka hara Mmuso wa Provense ya Freistata. Leha ho le jwalo, Lefapha le nehelana ka ditshebeletso tse latelang ka ho toba setjhabeng:
MOFUTA WA TSHEBELETSO KAMOO/ MOO TSHEBELETSO DI NEHELANWANG TENG
Ditsha tsa Ditshebeletso tsa Thusong
Mohala: 713 0189
Mohala: 673 1671
Mohala: 082 550 8512
Mohala: 532 6791
Mohala: 789 1147
Mohala: 721 0044
Mohala: 421 9051
Mohala: 881 0003
Setsha sa Ditshebeletso se tla kenya ditletlebo kapa se romelle dipatlisiso 2. Contact No. 0800600224
E. POPEHO YA LEFAPHA
Lefapha la Tonakgolo le bopilwe ka mananeo a mararo, e leng:
Lenaneo la 1: Tsamaiso
Lenaneo lena le nehelana ka botsamaisi bo phethahetseng le tshehetso ya botsamaisi ho Tonakgolo le Lekgotla la Phethahatso ho fihlella maikemisetso a mmuso le dintlha tse ka sehloohong. Lenaneo le bopilwe ka dikarolo tse latelang: Tshehetso ya Tonakgolo, Ditshebeletso tsa Kgokahanyo tsa Phethahatso, Ofisi ya Molaodi- Kakaretso, Kakofatso ya Ditheo, Boeletsi/Bohokahanyi ba Tshireletso, Bolekodi ba kahare le Ditshebeletso tsa Botsamaisi ba Ditjhelete.
Lenaneo la 2: Ntshetsopele ya Ditheo
Lenane la 2 le rera ho netefatsa phihlello ya maikemisetso a Lefapha la Tonakgolo ka ho nehelana le ho hlokomela mehlodi ya batho e kwetlisitsweng hantle le e nang le bokgoni, le e bebofatsang le ho hokahanya kaho ya bokgoni ya ditshebeletsong tsa mekgahlelo e mengata ka hara mmuso wa provense,ka thupelo le ntshetsopele ya boitsebelo, le ho nehelana ka tataiso e mawala le ho hokahanya ditshebeletso tsa molao ka hara Mmuso wa Provense ya Freistata. Lenaneo lena le bopilwe ka mananewana a latelang: Mehlodi e Mawala ya Batho, Theknoloji ya Tlhahisoleseding, Ditshebeletso tsa Molao le Dikgokahanyo tsa Kgwebo, le mananewana a latelang: Keletso ya Mehlodi ya Batho le Botsamaisi ba Kgokahanyo, Setheo sa Freistata sa Thupelo le Ntshetsopele, Ntshetsopele ya Mekgatlo, le Moralo o mawala wa Masedinyana le Bohokedi.
Lenaneo la 3: Leano le Puso
Lenaneo lena le ke motheo wa kgokahanyo ya leano la provense le ho nehelana ka tataiso e mawala. Lenaneo le bopilwe ka mananewana a latelang a mararo le a mang a ka tlasa mananewana: Mananeo a Ikgethang, Dikamano pakeng tsa Mebuso le Botsamaisi bo Mawala ba Leano.
F. TLHOPHISO E DUMELLANG SETJHABA HO BA LE SEABO HO RALWENG HA LEANO LE TSHEBEDISONG YA MATLA karolo ya 141g
Matsholo a Komiti ya Phethahatso e Kopana le Batho a hlophiswa kgafetsa ho phatlalla le Provense. Sepheo ke ho tlisa kopano ya sefahleho ho sefahleho ya mmuso wa provense le baahi ho hlalosa le ho tlaleha mabapi le maano, mananeo le diprojeke.
Matsholo a Imbizo le ona a hlophiswa. Sepheo ke ho tlisa kopano ya sefahleho ho sefahleho ya mmuso wa naha le baahi ho hlalosa le ho tlaleha mabapi le maano, mananeo le diprojeke.
Ho ya ka dintlha tsa Melao le Ditaelo tsa Lekgotla la Ketsamelao la Provense, melao yohle e phatlalatswa bakeng la maikutlo a setjhaba pele ho buisanwa ka yona. Setjhaba se nehwa monyetla wa ho ngola dipehelo kapa ho hlahella ka pela dikomiti tsa dipotfolio tse fapaneng.
Melao e fapaneng ya provense e dumella ditho tsa setjhaba ho kgetha ditho tse tla sebetsa dikomiting tse itseng. Baemedi bana ba ka ba le tswaetso diqetong tse etswang.
Ha ho ralwa melao, setjhaba le sona se a mengwa ho latela dipehelo tsa Molao wa 2000, wa Tsebahatso ya Toka ya Tsamaiso, ho tlisa diphehiso mabapi le dintlha tse amang ditokelo tsa bona.
G. MEHATO YA TOKISO E TENG EBANG DIPEHELO TSA MOLAO ONA DI SA LATELWE karolo141h
Mokopi a ka hlahlela boipiletso ba kahare kgahlano le qeto ya mohlanka wa tlhahisolesedingho Tonakgolo kapa mothong ya kgethilweng ke Tonakgolo. Ho feta mona, mokopi a ka hlahlela nyewe lekgotleng la dinyewe bakeng la ho fumana thuso e loketseng kamora hore a sebedise metjha ya kahare ka ho phethahala.
H. HO NTJHAFATSWA HA BUKANA karolo ya 142
Ha ho hlokeha, Lefapha le tla ntjhafatsa le ho phatlalatsa bukana ena, jwalo-jwalo kamora nako e sa feteng selemo.
I. HO FUMANEHA HA BUKANA karolo ya 143
Bukana ya Lefapha e fumaneha ka mokgwa o latelang:
Khopi puong e nngwe le e nngwe ya tse tharo e tlameha ho fumaneha Khomesheneng ya Afrika Borwa ya Ditokelo tsa Botho; le ofis e nngwe le e nngwe ya mokgatlo wa setjhaba.
